Narrative

Leoatle

Bohle ba nyakaletse hoba ke sona seo ba se tletseng mona.

Leoatle
Setšoantšo ka Ray Bilcliff / Pexels

Ha tsela e ikhara joaloka noha, e theosa, e potela le matsoapo, e monyoha le har’a meru, ’me e le hohle, pele mane ho bonahala metsi a maputsoa-putsoa a leoatle joaloka tutuluhali; le tsohle tse pel’a hao li bonahala li tletse nyakallo e joalo, esita le oona motokara ona o neng o se o chesa ka ho luma eka joale o se o bina, ha o sa luma, o se o hana le ho ema hobane leha u re oa o khina, o ntse o nkile ka sekaja feela; ha terene eo u etang ka eona e se e sa utloahale ho luma, e se eka ke pere e hlahlileng mahlo ’me ha e lla eka e bolela thabo e ka pelong ea eona—ha tsohle tsena li etsahala, u utloa pelo ea hao e tletse khotso le thabo le nyakallo hobane u tseba hore u hlotse, u hlotse tsela, u fihlile moo e fellang, tsela eo e leng khale u ipotsa hore na ha e potela ka thaba—kapa thota kapa leralla—e fella kae. Kajeno ua tseba, u e hlotse.

 

Ha u felle har’a toropo eo. Che, u fetela pele, u batla hore u be u fihle moo tsela tsohle tsa motse li fellang teng. U fetela lebopong. U ema teng ka ho makala. U fumana u eme holim’a lehlabathe. Maotong a hao mona metsi a ntse a atamela a bile a khutlela morao joaloka ha eka a bapala, a phela. A entse lerata le leholo ’me a ntse a etsa lekoeba le lengata feela ha maqhubu a thueha lehlabatheng. ’Me ha a ntse a thueha joalo a mathela lehlabatheng, a tlisa lintho ka lintho—likhetla tse nyenyane, le tse kholo, tse ntle haholo-holo le tse tšabehang ka ho fetisisa, liphoofotsoana tseo u qalang ho li bona, tse balehisang ’mele oa hao, esita le tsona litlhapi ka mefuta ea tsona. Hoba leoatle le jere bothata!

 

Hare mane u bona maqhubu a ikentse mangotsoana-ngotsoana a mangata a tsamaeang, a ntseng a tlil’o fella mona maotong a hao. Empa mangotsoana a matle, a reng talaa! Mona le mane ho bonahala linthonyana tse tšoeu tse joaloka lipoli thabeng ha li le tšoeu hantle, boea ba tsona bo hlatsoitsoe ke pula—ke lekoeba le etsoang ke maqhubu a mang a ntseng a thulana a fella hona moo. Ha u shebile hantle ekare ke lipoli tse ngata li re bito, li boele li re nyame! Hole pele mane u bona leoatle eka lea nyolosa le kopana le leholimo. Ekaba ho joang hole koana har’a leoatle ha motho a bohile metsi a phelang a, a le hare, hole le lefatše? Ua ipotsa.

 

U e-s’o ka u fumana karabo menahano ea hao e tebeloa ke lerata lena le pel’a hao. Hobane kamehla baeti ba ntse ba le teng. Ba bang ba itahlela maqhubung a e-s’o thuehe ’me ba utloa monate ha a ba hlabisa hlohlolingoane, a ba hulela lepoqong, ba khutlela hae meriri e tletse lehlabathe, ba khathetse, ba lapile, ba thabile (‘hoba lia makatsa lintho tse re thabisang’). Ba bang ba matha ba tsotse kapa ba tenne litšeanyana feela. Ke re le ’ona Maafrika a seng a tšaba ho tsamaea a sa apara haholo mona u fumana a tjapaletse feela lepoqong, letsatsi le ba etsang! Ba bang ba matha hona mona. Bohle ba nyakaletse hoba ke sona seo ba se tletseng mona. Ke re le cheletenyana e nkileng lilemo hore e bokelloe e qhaloa joalo feela, habonolo joaloka ha eka motho o e thonakile joaloka likhetla leoatleng. Mona hora e ’ngoe le e ’ngoe e fetang e tletse nyakallo le thabo e lekanang lilemo tse mashome tulong tse ling.

 

Ke re leha u tsamaea toropong u fumana oona moea oo feela. Toropo ekare e ntse e bua mantsoe a re’ng: ‘Lula, u je, u noe, u nyakalle hobane hosasa ua shoa.’ Toropo eohle e hlile e phelela ho u fa tsohle tse nyakallisang; batho ba eona ba phelela hona, ke makhoba a hao. Mahlong a bona u bona hore ba u makaletse. Le joale ba tšoanetse. Ba re uena u lehlohonolo hobane u tseba moo tsela e tlohang haeno e fellang teng. Moo e fellang teng ho uena, ho bona ke moo e qalang hobane ha ba tsebe haeno!

 

U boha tsohle motseng ona. Qetellong u fihla moo likepe li laollang batho le liphahlo teng. U fumana likepe-kepe tsa lichaba tse ngata tse hlomiloeng lifolakha tsa tsona. U ikutloa u atametse mafatše a hole. U bona liphahlo li laolloa, tse ling li laeloa. Liphahlo tsa mefuta-futa le likhomo tse phelang. U qala ho ipotsa hore na li leba kae. U sa maketse joalo, u se u utloa pina ka mona. U leba teng. U fumana hore ke sekepe sa ntoa sa Manyesemane, se se se tsamaea. U fumana bana ba Majatlhapi ba feletse ho tse tšoeu, ba eme joaloka ha eka hase batho, ke majoe a masoeu, ha ba phele. Pina e felile joale, ke seo sea tsoa—se tsoa butle, joaloka ha eka hase batle. Ba sa eme joalo bana ba Manyesemane, ba phahamisa likatiba ho lumelisa ba setseng. Kapele-pele ho sona, hona ntlheng, ho eme e mong teng. Eena ha sa shebile ho lona, u furaletse lefatše joale, mehopolo ea hae e se e le leoatleng moo ba hopotseng teng. O le shebile ka tlholohelo e kholo ngoan’a batho, joaloka hoja le ’mitsa. Oa le tseba, oa le rata. ‘Hoja ke ne ke le eena!’ Ke uena eo.

 

U qala ho nahana lefeella la metsi, la metsi a loebehlanang, leholimo holimo, linaleli bosiu, matsatsi-tsatsi…qetellong lefatše le hlaha hape. ’Me u bona motsenyana o mong, kamora’ oona ke tsela hape…hoba tsela ha ho moo e fellang teng. U khutlela haeno u utloa hore u soabile, u hlotsoe. (Hoba bo joalo bophelo, ngoan’eso. Kajeno ua hlola, hosasa u se u fentsoe.) U khutlela hae u ntse u re: ‘Ka tsatsi le leng ke tla be ke tšele…’ Ke seo u tšepang hore se tla etsahala. Re ka ba kae kantle ho tšepo?

Mamosetse Newsletter

Keep in touch by signing up with us.

Our newsletter provides you with a round-up of all our activities in one place. Stay up to date with our new ventures and collaborations— stories, films , podcasts events, community projects and many more.