Lepatong
“Ha a eo mahareng a ba phelang kapa ba shoeleng. O mehopolong.”

Hora ho otla ea leshome hoseng. Manaka a khannang nako a tsorame botsekeng ‘me ka hlokolosi e kholo moo a lokelang ho lula teng. ‘Nete ke hore, ntle ho tika-tiko, re tla hahamalla pele re khannoa ke ho fetang qetello ea nako ka bo-eona, ho ea motsotsong o hlahlamang, oo le oona o tlang ho imenahanya ho fetohela ho metsotso e meng e mengata, ‘me e tlare ho re etlo! le hora ena e holimo re tla be re e furaletse. Re elelloa hore le ka oona mothati ona, ha re ngona polelo eona ena, manaka a qhobang nako, a ruthutha ‘me ka tieo e babatsehang—haeba re lekanya hore haho phoso mechining e kahare—a hahamalla pele. Bana ba kajeno, le bohle ba ratang litšupa-nako tsa lipalo, ba tla palloa ke kutloisiso ea ‘moko-taba le cheseho ea rona ea seo re se bolelang hobane bona seo ba se bonang ke lipalo khalaseng. ‘Nete ke hore ba fetoa ke monate le molumo oa ho ruthutha, ho otla le bonono bo babatsehang bo pakiloeng kahare ho mochini ona ke bang ba nang le boqhetseke ba lilemo-lemo.
Lepato lea qala. Ho bonahala hore e ile eare re sa ntse re ile le sephume sa mehopolo re boha botle ba tšebetso ea nako le litšupa-nako, re batlile re itebala le hona ho lebala hore na re hokae kahar’a pale ena. Ha hora ea bobeli e otla botsekeng thapameng ena, eseng motsotso pele kapa kamorao ho teng, Morena oa motse o tla khina phallo ea tšebeletso ea lepato ‘me eo, o tla laela hore mofu a phamoloe a isoe mabitleng. “Ha le ka la sheba litšupa-nako tsa lona, le tla elelloa hore ho qeta ho otla hora ea bobeli botsekeng,” eo o tla cho joalo, “’me ke nako ea hore re mo felehetseng.”
Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu, o tla sheba tšupa-nako ea hae ‘me e be o boetse o qekotsa kopi ea lethathamo la litšebeletso e ka letsohong la hae. “Empa re sa ntse re na le lipuo tse peli,” eo o tla rialo. “Li tla lokela ho ema hanyane,” Morena o tla mo araba joalo.
“Che li ka se eme, hahona hoba le lepato le leng.”
“Nako ha e re lumelle.”
“Empa tšupa-nako ea ka ea ‘mpontša mona, bona, u ka nna ua tlo sheba, hore re sa ntse re na le metsotso e ‘meli pele ho hora ea bobeli.”
“Nka se tle ho uena, uena tloho ho ‘na, ke ‘na morena motseng mona.”
Ka mehato e mehlano, mohlomong e tšeletseng kapa e supileng—‘nete ke hore ha se hakalo hore re ntse re bala—e tsepameng, ‘me e kang e hakantsoe, Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu, otla namalatsa ho ea moo Morena oa motse a lutseng teng. “Ho na le phoso ka tšupa-nako ea hao,” Morena o tla rialo.
“Che, hahona letho le phoso ka tšupa-nako ea ka.”
“Hona le nako eo u ileng ua chencha ua kenya mashala a macha?”
“Ho joalo.”
“Ah, ua bona he! Karabo ea hao ke eo.”
“U bolela eng?”
“Nakong eo u neng u ntse u chencha mashala, tšupa-nako ea hao e ile ea salla morao, empa ea ka, ‘moho le litšupa-nako tsa bohle ba teng mona li ne li ntse li otla.”
Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu, o tla khutla ka monyebe o tsotehang, a khutlela mosebetsing oa hae—oa botsamaisi ba lepato—ka letsohong le letona la lekase. Tseleng ea hae e khutlang, e seng e tla utloahala e le telele ho tlola tekanyo, haholo-holo har’a ho thola, re tla elelloa ho tloeba hoa linala le meupa ea tlholo ho tsoa linaleng tsa bohlomphehi ba Morena. O tla leka hape lekhetlo la hoqetela ho leka ho hohella Morena liatleng tsa hae, a mo kopa ka le reng lipuo tse peli tse setseng ke tsa batsoala ba mofu ba tsoang hole haholo. Morena o tla mo thiba, ka bokhutšoane bo tsotehang, ‘me a bile a khokhothela sepekere sa hoqetela, “Ha se nako feela, empa le melao ea motse oa rona ha e re lumelle ho tsoela pele ho feta mona. Ah, ua bona joale ha esale re ntse re etsisana, e se bile e le metsotso e leshome kamorao ho hora bobeli. Ke ‘na morena oa motse ‘me ke tiisa hore ha re sa tla bua ka taba ena hofeta mona.”
Joaloka ha e le mona re nyanyakile haholo boporofeteng ba rona, ‘me bopaki bohle bo lirapeng tsena tse qetang ho feta, e ka ba toka hore re khutlele nakong ea ha joale. Metsotso e mashome a mane a metso e mehlano e se e fetile esale re nyamela. ‘Me ho bohlokoa hore re ikhopotse hore ha joale nako ke metsotso e leshome le metso e mehlano pele ho hora ea leshome le motso o mong.
Ka pela ntlo, ka jareteng, ho hlonngoe tente e nyane e tšoeu e ngotsoeng lebitso la mokhatlo oa lepato ka bophara sefahlehong sa eona, “Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo.” Tente e butsoe mahlakore a eona a mane, hobane ha ho ne ho se joalo, bohle ba ne ba se na ho fella—lekase, mohatsa mofu, bara le barali ba mofu, leloko la mofu le haufi, leloko le hole, metsoalle ea hlooho-ea-khomo, metsoalle e hole, batloaelani, basebetsi ‘moho, Morena oa motse, sechaba sa motse, le bohle ba seng bohlokoa ho lekana, bao re sa natseng ho ba lotomanya mona. Ha ho sa le bohlokoa hore re hlalose tlhatlhamano eo bohle ba lutseng ka eona lepatong lena hobane re se re entse joalo polelong e fetileng, empa re tla etsa liphetoho tse seng kae. Ea pele, hantle bohareng ba tente ke lekase la mofu, mohatsa mofu, bara le barali ba mofu. Morena oa motse le leloko le haufi. Ea bobeli, Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu o lutse ka letsohong le letona la lekase ‘me morena eena ka ho le letšehali, ntle le moo tsohle li ka tsela eo re seng re e boletse.
Ke ka oona motsotso ona hantle, nakong e ka bang metsotso e mehlano pele ho hora ea leshome-le-motso-o-mong, ke ha ho fihla tlhokomelong ea rona hore re siile taba ea bohlokoa, jo bohlasoa bo bokaalo! Le ha empa e le hore ho e bitsa “bohlasoa” e ka nna eaba ho eteletsa litaba pele, ‘me joale re se re tla e bebofatsa ka ho e bitsa phosonyana. Le ha ho le joalo, re tla itumella tšoarelo, ‘nete ke hore re sa nkiloe ke sephume sa liketsahalo tsa lepatong lena. Taba eo re sitiloeng ho e hlalosa ke hore ha rea bontša boteng ba moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo, haholo hobane eo o bohlokoa paleng ena. Sutu e ntšo e tsepame mahetleng a hae a pharaletseng, o itšekile tajana, u shebeletse liketsahalo tsa lepato. O tla itlaleha ho mookameli oa hae, Motsamaisi oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo ka hora ea boraro thapameng eona ena.
Le ha hole joalo, o tla fihla moo kamorao ho metsotso e mehlano.
“U ne u loketse ho kena monyako ka hora ea boraro botsekeng,” Mookameli o tla rialo, a sa phamamise hlooho ea hae e tjametseng qubuhali ea litokomane tse holima tafole ea hae.
“Mongaka ke kopa u nkinele matsoho metsing, ke liehile receptioneng. Receptionist o ne a sa bone buka ea ho ngolisa.”
“U tsamaile joang?”
“O qeteletse a e fumane mongaka.”
“Ke bua ka tšebeletso ea lepato.”
“Oh. E tsamaile hantle mongaka...”
“Ke hantle!”
“...ntle le qoaketsano.”
“Qoaketsano?”
“Ho joalo mongaka. Qoaketsano.”
“Qoaketsano ea eng?”
“Morena oa motse o ne a batla hore mokoloko oa lefu o qale ka hora ea bobeli hantle botsekeng—eseng motsotso pele ho moo kapa kamor’a moo—empa Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu, eena o ne a batla ho tsoela pele ka lethathamo la litšebeletso. O ne a batla batsoala ba mofu ba bue.”
“Ache ka ho hlokomela hore taba ena hahona moo e amanang le litšebeletso tsa rona tsa Mokhatlo Oa Matsatsi le Lilemo, re ka se khathatsehe ka letho.”
“Ke nahana u nepile mongaka.”
“Na batho ba rata litšebeletso tsa rona?”
“Ka ‘nete ha ke so utloe lipuo tse hlakileng tsa batho, empa le teng ha ke so utloe hona le ba reng ba ngongorehile.”
“Na tente e ile ea hlogoa ka nako?”
“Che ha hoa ba joalo mongaka. Ka lebaka le sa tsebahaleng, re ne re se na likepi tse peli. Empa kamor’a metsotso e ka bang e leshome tente e ne e tsepame.”
“Ha re se etse liphoso tse kang tsa mofuta ono.”
Puisano ea bona e tla fella hona mono.
Ha re khutlela mona lepatong, ha nako e le metsotso e mashome-a-mararo, moruti oa Kereke E Tsepameng ea Mengoaha, moo mofu e neng e le setho sa moshoelella, o tšoela liaba, o bitsa mekhabo-puo. Eo o eme kapel’a lekase, khubung ea tente. Lentsoe la hae, le kharumang joaloka lehalima, le seha joaloka thipa e leolitsoeng ha sekete, mantsoe a bitohang molong oa hae a pshatla seitšereletso sa rona ha bonolo, a chaisa kahar’a lipelo tsa rona ka mecha le matsoapo a fapaneng, ‘me a thophothela kahar’a meea ea rona.
Eo ha a bue ka lefu kapa bophelo—che eseng ka tsela e pepeneneng, joaloka ha baruti ba bangata, ha ese kaofela ha bona, ba ka beng ba rera lentsoe phupung ea mofuta ona.
“Uena ea reng, eka-khona re etele toropo e itseng, re phele moo selemo kapa tse peli, re reke re be re rekise, re khole litholoana tse hlabosang—u tsebella kae hore na letsatsi la hosane le u tšoaretse li feng? Ha u tsebe hore re itšoanela feela le moholi kapa oona mouoane?”
Moruti o bua joaloka ha eka ana ke mantsoe a hae, maele a hae, maipolelo a hae, joaloka ha eka ke eena ea thommeng lipolelo, joaloka ha eka o ile a lula kapela leifo la mollo motlotloanenyaneng oa hae—che ea hore ntlo ea hae ke motlotloanenyana, ke boiqapelo ba rona, ‘nete ke hore ha re tsebe—eaba eo o ntša pampiri le pentšele, a khoaritsa lipolelo tseo tse tletseng boqhetseke ‘me a ipolella kelellong ea hae a re, “Ah, ke tla bua mantsoe ana ka mofu hosane.”
Empa rea tseba hore o alimme mantsoe ana hotsoa Bukeng e Halalelang. Mohlomong o tsamaile mothati o tšoanang hantle oa ho lula kapel’a leifo la lebatama nako e ka etsang hora, tse peli, tse tharo, kapa mohlomong tse ‘ne, a phetlakaka leqephe kamor’a leqephe la pokello ea tonanahali e jereng mantsoe a mengoaha, ‘me a tjamme ka hloko e khoho ho khetha litemana tse nyallanang le tšebeletso ena. Khethong ea litemana, mohlomong eo o ile a sebelisa mokhoa oa phokotso kapa oa kamano ea tseo litemana. Empa ha re se re sheba setšoantšo se fapaneng, haholo-holo ha re hlokomela tsela eo a bonahalang a nyakuretse litemana tsena ka tsebo, mohlomong eo o tsebile hantle hore na o tla khetha temana efeng ho tloha sethathong. ‘Me haeba ho joalo, ebile re menahala le mehlala re totobetse ho latela seo re se boletseng ka hore eo o lokela a ile a lula hora, tse peli, tse tharo, kapa tse ‘ne, eka-khona e be o nkile nako e seng kae feela ho itlhophela puo ena ea hae—mohlomong metsotso e mashome a mabeli a metso e mehlano feela—e leshome ea ho bala litemana makhetlo a seng makae, e leshome le metso e mehlano ho kena boikoetlisong bo kenyeletsang ho hoelehetsa, ho fetoha ha molumo oa mantsoe a fapaneng, ‘moho le lebelo kapa butle boo mantsoe ao a tlang ho monyoha molomong oa hae.
Le ha e le mona Moruti oa Kereke E Tsepameng ea Mengoaha a qopilitse litemana tsena hotsoa Bukeng e Halalelang empa eaba eo o re rerela tsona ‘moho le bohle ba khobokaneng lepatong lena joaloka ha eka li ne li bitoha hotsoa botebong ba kelello ea hae, re lokela ho mo rolela khaebana ka phetolelo eo a e entseng therong ea hae. ‘Nete ke hore, ha e ne eba o qotsitse litemana tseo li ntse li tšoana hantle le ka bukeng, li ne li tla utloahala bosula le hore ke lingoloa tsa khale, re ne re ka ra tšoha ra iphumana re ile le sephume sa boroko.
Moruti o khinoa habohloko mocheng oa maikutlo a phahameng a khothatso le lithapelo tsa hae metsotsong e mashome a mabeli a qalile thero ea hae—ke hofihla thoso! hoa Mora oa Bobeli oa mofu. O fihla joalo a tsamaea le mosali oa hae le bana ba bahlano—bashanyana ba bararo le banana ba babeli. Bana bana, che ka ho lemoha bolelele, boholo, le seemo, ba lokela hore e be ba sieana ka selemo habonolo feela.
Bohle ba teng lepatong mona—molekane oa mofu, bara le barali ba bang ba mofu, leloko le haufi, leloko le hole, metsoalle ea hlooho-ea-khomo, metsoalle e hole, batloaelani, basebetsi ‘moho, Morena oa motse, sechaba sa motse, moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo, le bohle bao—joaloka ha re se re boletse penyana—re khethileng ho se natse ho ba bitsa ka mabitso—bohle ka tlotla le kutloano e kholo, ba phahamisa matsoho a bona ‘me ba sheba litšupa-nako tsa bona. E se eka, haeba re ne re ka re phupu ena e tšoana le ok’hesetera—orchestra, bohle ba teng mona ba ne ba tsepamisitse maikutlo a bona ba sa sisinyehe ho e ‘ngoe ea limetoronoma—metronomes, tse otlang ke nepo e kholo ‘me bohle ka kutloano le tumellano ba kena khabong ka nako e tsepameng.
Kamor’a motsotsoana ona o tlotlehang oo bohle re qetang hoba lipaki tsa oona—oo ‘nete e sale, o tlang ho ngoloa libukeng tsa lehae tsa selemo tsa metjeko ea mapato—eaba moruti, eo ho bonahalang a sisinyehile ka matla, o shakarela ka tieo Buka e Halalelang. Eo, le ha e se ka tsela e bonahalang ha bonolo, o sosobantse sefahleho. O leka ho tsoela pele ka thero empa motsotsoana oa hae o se o robehile ruri. Ho na le ho seng ho sisinyehile. Moea o boima, eseng boima ba tšiamo empa o tletse ka boemo bo sa thabiseng—joaloka ha eka nako ka bo-eona, joaloka tente ea lepato e hlonngoeng morao, e ne e tetema lefatšeng le sa tsitsang.
Mora oa Bobeli le lelapa la hae ba tsoelapele ka leeto la bona ho leba litulong tseo ba li behetsoeng ka tlas’a tente. Morali oa hae e moholo oa khoptjoa, empa o atleha ho tsoramisa maoto a hae holima lefatše, ‘me eo o boetse o hoeshetsa se sa utlohaleng ho ntatae. Ha re tsebe na o hoeshetsa eng. Ha re na hlola re tseba. Le ha hole joalo, seo re se tsebang ke hore, hoo ho etsa hore ntatae a sisithehe pele a lula fatše. O fetolela chalimo ea hae ea mahlo nq’a lekase nakoana. O sesefatsa mahlo.
Eo o atamela mosali oa hae. “U bone?” oa mo sebela.
“Ke bone eng?” ho rialo mosali oa hae.
“Kharetene e ka tlung e qeta ho tsitsinyeha”
O sheba ka lesisitheo. “Ke moea moratuoa.”
“Hahona moea.”
“E ka ‘na eaba hona le motho ea qetang ho koala fensetere ka tlung.”
“Empa hahona batho ka tlung.”
Phapanyetsano ena e kaholimo ea mantsoe re ne re ka e qhelela ka thoko, empa e le hore ka oona motsotso ona, Moruti ke eo a khoptjoa ke mantsoe a temana e hlahlamang. Oa panya-panya, o sosobanya sefahleho, ‘me a ntan’o lebisa chalimo ea hae lekaseng.
Ka oona motsotso ona, ke ha ho oela khutso ea kopanelo, eo ea oela hang-hang joaloka ha eka e ne e ngoliloe sa setšoantšo-pono. Eaba le ntja ea motse—mokoto—e neng e ntse e fofonela kamor’a ntloana, le eona e emisa ho phathahana hoa eona. Moea (kapa tlhokahalo ea moea) o fefola lekhasi, la phethoha la feta holima lebala. Bohle rea sheba. Empa leha ho le joalo ha re bue seo bohle re se nahanneng likelellong tsa rona.
E ka ‘na eaba mofu ha shoa hantle.
Moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo ke eena motho oa pele oa ho sisinyeha. Eo o tsamaea joalo a hata butle, ka mehato e sa tsitsang ho tloha hukung ea tente, ‘me o atamela lekase—eseng ka tsela ea nyaroso, empa ka tsela ea tšebetso le eona tsamaiso. Eo o ntša toche e nyane hotsoa pokothong e kahare ea baki ea hae. Toche ena ke e mona eo lingaka li e sebelisang ho khantša kahare ho thaka tsa mahlo ho sheba hore na a ntse a sebetsa hantle. ‘Nete ke hore ha re tsebe hore na ena efela e le tsela ea tšebetso, kapa mohlomong eo o boloka toche eo ho eena ka mabaka a hae ao re sa a tsebeng.
U koaholla sekoahelo sa lekase butle-butle.
Kahara tente ke ha matšoafo a phahamela holimo joaloka sefefo.
Empa ha se hore monna ea kahar’a lekase o butse mahlo kapa o phahamisitse leoto kapa letsoho. Ha ho joalo. Se re tšosang ke hore sefahlehong sa hae ho bonahala khotso le khutso tse makatsang. Letlalo la hae ha le bontše ho papateha le ho hloka bophelo hoa lefu, empa le bontša ho khanya ho makatsang hoa bocheng. Molomo oa hae, le ha o koalehile, ekare o tloha o bua. Matsoho a hae a fapakantsoeng sefubeng sa hae ha satalla joaloka ka a motho ea hlokahetseng empa ekare a mpa a iphomoletse feela. Le sutu ea hae, e pitliloeng ka hlokolosi e kholo, ha e bontše boiketsiso—ekare ho behiloe motho ea fapaneng sebakeng sa hae.
Morena oa motse ke eo a ema, eseng ka tšabo, empa eo o ema butle a hoanka ka tsela e tsejoang feela ke marena le likatse. “Hona le seo u ka re tlalehelang sona?” oa botsa.
Moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo o thetha sekhohlela. “Mongaka, setopo se maemong a matle. A matle ka tsela e fetang tenkanyo.”
“Ka tsela e fetang tekanyo?”
“Ho joalo Morena. Ho na le...limaka.”
“He monna heso, o shoele kapa che?”
“Ho ea ka bongaka, ho joalo. Empa ka chebahalo...ha ke na bonnete.”
Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu oa atamela. Lentsoe la hae lea kherehla ha bua. “O ile a tloalehoa a timetse mane tliliniking. Setifikeiti se saennoe ebile se otliloe ka setempe.”
“Litempe ha li bue ‘nete,” ho cho Morena. “Ke balimo feela le litšupa-nako.”
Moruti, a ntse a kokositse Buka e Halalelang joaloka ha eka o e entse setšireletso sa hae ho litaba tsa bokhelohi tse tlang, o qetella a bua: “Ua tseba re kile ra utloa lipale...”
Le joale rea tseba. Re tseba lipale tseo.
Pale ea monna ea ileng a tsoha pele ho lepato la hae hobane mobu oa lebitla o ile oa mo hana. Mosali ea ileng a bua kamor’a matsatsi a mararo a le ‘moshareng. Ngoana ea ileng a bososela kahar’a lebitla, ‘me eo lekase la hae le sakang la hlotse le fumaneha.
Empa re boetse re tseba tseo li seng li sa buuoe.
Litšebo lia qala. Eseng tse tsoang melomong, empa tse tsoang chalimong—mahlo a halika, a panya-panya ha ngata, a hlatha koana le koana a sitoa ho shebana. Batho ba motse ba qalella ho khoshella kahare ho lipelo tsa bona, ba pata tšabo ea bona ka tsoteho, ba pata tšoho ea bona kamora liketsahalo tse phutholohang ka pela bona. Kae-kae ho utloahala motho ea khohlelang. Kae-kae ngoana o chera-chera setulong. Khutso e mona ke e reketlang.
Ke nakong eo nkhono oa motse—mohlolohali ea bitsoang ‘Masekoele—a qetellang a bua. Ke mosali ea chalimo e batsi le mehopolo e batsi, ea ithorisang ka hore o phetse hofeta banna ba hae ba bararo, mariha a mahlano a sena patsi e besoang, le mebuso e ‘maloa. O ema a itšetlehile ka thata ho lere la hae le kobehileng.
“Ha ke qale ho bona ntho e tjena,” ho phatlalatsa ‘Masekoele.
Sechaba sa motse se arohana ho mo suthela, se arohana joalo e se hakalo ka tlhompho, empa ka thothomelo e tsotehang.
“U bolelang ‘Masekoele?” ho botsa Morena, ka hloko.
‘Masekoele o tsitsisa chalimo ea hae lekaseng. “Eseng khale, ho ne ho le teng moshanyana. Ea neng a sa fapana hakalo le ena enoa. Empa eo o shoele a le lilemo li mashome a mabeli a metso e meraro. Sefahlehong sa hae le eena ho ne ho bonahala khotso e kang ena. Se khanya ka tsela e tšoanang. Ba ile ba mo pata. Empa libeke tse hlahlamang, lentsoe la hae le ne khonya kahar’a masaka. Lipoli tsa tsoala manamane. Likhomo tsa emisa ho sisa lebese. Ha se lefu haeba moea o ntse o solla.”
Hahona ea ka bang a leka a tšeha.
Moruti o shakaretse seaparo sa hae ka thata. “U bua ka boloi.”
“Ke bua tsa lintho tse senang khutso,” o rialo, “tseo u sa tsebeng letho ka tsona.”
Morena o phefumolohela holimo. Eo o pheta hape. Ha a qeta o hloehla Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu ka letsoho.
“Koala lekase.”
Mora e moholo oa tsila-tsila.
“Le koale!” Morena o pheta hape.
Moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo o theola sekoahelo sa lekase. Nakong ena molumo o utloahalang ke oa sona feela.
Eaba, joaloka ha eka le bitsoa ke boima ba khutso e sebakeng sena ka boeona, leihlo le letšehali la mofu le qalella ho teketsa.
Ha ho ea buang.
Ha ho ea hemang.
“Ke le bone,” ho seba morali oa hofela.
“U bone eng?” ho botsa ‘m’ae.
“O nkobetse leihlo.”
Ke ka oona motsotso ona moo ntho e ‘ngoe le e ‘ngoe e soahlamanang.
Tente ea qhoma. Litulo lia thulama. Likopi lia oa. Katiba ea fefoha. Sechaba sa motse se matha la mpetleke joalaka ha eka hothoe ba bone mosi o bitoha hotsoa lekaseng. Ba bang ba matha ho leba nq’a masimong, ba bang ba phetetsana ho kena ka tlung, ba bang ba mathela kahare ho ‘mele ea bona. Ho sala ba seng ba kae feela: Morena, Moemeli, Moruti, Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, Mora oa Bobeli, le mohlolohali ‘Masekoele.
“Hela itaoleng!” ho khonya Morena.
Moemeli o tiisa lekase. “Morena...sekoahelo sa lekase se tiile. Ha hona kamoo e ka bang o tsitsinyehile.”
“Empa le joale o tsitsinyehile,” ho cho ‘Masekoele. “Hobane le patile monna enoa pele ho nako.”
Moruti o tsitsinya hlooho. “Ena e phahametse koetliso ea ka.”
“Hahona koetliso e ka u hlophelang lefatse la khale,” ho araba ‘Masekoele. “Rona re ne re tseba ho leta. Lona le etsa lintho ka lepotla-potla. Lefu ha le fihle ka nako.”
Mora e moholo o khumama pela lekase.
“Ntate?” oa seba. “Haeba ua nkutloa...bua.”
Hahona karabo.
Ho utloahala moea feela, o seng o qalile ho foka.
Phefo e qalella ho letsa mololi ha e otla lehola le ommeng le pela ntloana. Moea ona o lumaela joalo ha o otla melomong ea seaparo sa Moruti. O boetse o phahamisa maqephe a kopi ea lethathamo la tšebeletso ea lepato, e fefoha joalo lebaleng le seng le sena batho.
Mora oa Bobeli oa mofu oa atamela. “Re lokela ho bula lekase hape.”
Morena o phahamisa letsoho la hae. “Che. Re ka se bake tšitiso ea tsamaiso hofeta mona.”
“Empa ha e ka ba o ntse a phela teng?”
“Haeba ho joalo o tla khutlela ho rona.”
Polelo eo e sala e leketlile joalo, e thothomela ha e otloa ke moea oa thapama.
Moruti o honotha mantsoe a tlhohonolofatso. Moemeli o sheba lihuku tsa sekoahelo sa lekase, ho etsa bonnete ba hore ehlile efela se notlelehile. ‘Masekoele o qalella ho honotha pina ea khale, e binoang ho koieetsa meea e thata le bana ba hanang ho robala.
‘Me ka oona motsotso ona, re lokela ho u bolella hore ka ntle ho tsena tsohle, mokoloko oa lepato o tsoela pele.
Hantle ka hora ea bobeli holima hlooho, Morena o phahisa letsoho la hae e le sesupo.
Sechaba se boetse se khobokane, le ha e le mona matsoalo a bona a sa ea moriting, ba ntse ba hoeshetsa. Ba lokelang ho nka lekase ba le phamola. Le se le utloahala le le boima hofeta pele.
E mong oa bona o ikana ka hore o ntse a utloa phefumoloho.
Mokoloko oa lepato o qalella ho theoha ka monyebe ho leba mabitleng. Sechaba se tsamaea se thatoloha joaloka kokonyana e telele e korotlang—ba tšiamong ba ntse ba sisinyeha joalo ba sa tsitsa kahare ho likobo tsa bona, bana ba shakaretse mese ea bo ‘mabona, tse meja li tsamaea ka lesisitheho, mahlo a pelaelo a shebile lekase.
Tsela e lebang mabitleng e tšesaane ‘me e mobu o mokhubelu, e potapotiloe ke mohloa o ommeng, ho na le meutloa mona le mane. Mona, nako, e utloahala eka e sarolohile, e kokomositsoe ke ho hloka tsebo hoa se tlang. Mocheso o tobetsa joaloka letsoho holima lihlooho tsa bohle ba siameng. Mohato o mong le o mong o shebiloe, o baliloe, joaloka ha eka lefatše ka bo-lona le ntse le bala hore na le hatiloe ke mang le hore na neng.
Kapele ho mokoloko oa lepato, Morena o tsamaea a tšoere lere la hae—le khabisitsoe, le boima, ha le tsitsinyehe. Ha re khone ho bala se ngoliloeng sefahlehong sa hae. Ba kakasitseng lekase ka mahetla ba tla ba mo setse morao ba tletse ka moea oa tlhompho ea bosebeletsi ‘moho le tšabo. E mong le e mong oa bona o utloa boima ba lekase ha le ntse ke tsitsinyeha ka tsela e sa tloaelehang. Ha ho na ea tsoang puo.
Ha re le bohareng ba tsela e lebang mabitleng, ho etsahala ntho e makatsang. Mohlankana e monyenyane ho bakakasi ba lekase—eo eseng khale a kene bohlankaneng, ea matla empa a tletse ka letsoalo—ke ha a khoptjoa. Eo u ikana ka hore o utloile lekase le etsa mothinya o nyarosang, joaloka ha eka le ne le sututsoa kahare. Ba bang ba mo thiba ha a khotometseha joalo, ba bile ba tsitsisa lekase. Ha ba emise ho tsamaea. Empa ho tloha motsotsong oona ba le tšoara ka tieo.
Keiting ea mabitleng, ho bitoha khang.
“Lebitla ha e-so fele,” ho cho moshemane ea apereng sekipa se silafetseng, a kokositse kharafu e tsetelehileng ka halofo ea sekara sa eona.
“U bolelang ha u re lebitla ha e-so fele?” ho botsa Moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo.
“Re thulane le bothata.”
“Bothata ba mofuta ofeng?”
Moshemane o sheba Morena, joaloka ha eka o kopa tumello ea ho bua leshano. Morena o etsa sesupo sa hore moshemane a bue ‘nete.
“Mothapo. Kapa lejoe. Kapa lebokose. Ha re na bonnete. Likharafu li ne li qhoma holima eona. Joaloka ha eka e ne e sa batle ho tsetolloa.”
Bohle ba khefutsa.
Moruti oa atamela. “Ha re rapeleng.”
“Che,” ho cho ‘Masekoele. “Ha re mameleng.”
Bohle ba khutsa. Esita le linonyana.
Ka oona motsotso ona, ho hlaha molumo o mosesane, ka tsela e sa kholeheng, oa motho ea khohlelang nq’a lekase.
Ha se ho khohlela ho lerata. Ha se ho khohlela ho tletseng khalefo. Ho omme, hoa kherehla, ka bobebe, ka tsela ea ho thetha sekhohlela. Hoo ekang hoa motho eo esaleng a emela ho bua ka nako e telele.
Ba kakasitseng lekase ba hoama.
Moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo o liha letlapa la hae—clipboard.
Lekhetlo la pele, ho tloha hoseng, Morena o shebahala a tšohile letsoalo.
Butle-butle, ka tsela e tletseng bokhabane, sekoahelo sa lekase se etsa molumo.
Ha ho na ea se tšoarang.
Se tsoela pele se etsa molumo.
Se buleha hanyenyane.
Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu o etsa molumo oo re ka se o bitseng sello, hape re ka se o bitse phefumoloho. O mathela lekaseng. Matsoho a hae a tšerema, a thothomela ha a bula sekoahelo sa lekase.
Monna ea kahare o ntse a phefumoloha.
Sefuba sa hae sea phahama. Sea theoha. Se boela se phahama hape.
O bula mahlo.
A khutsitse. A lemoha.
O sheba bara ba hae, sechaba se khobokaneng, le leholimo.
Ka lentsoe le bonolo, o re: “Ke la bokae?”
Ha ho ea mo arabang.
Ha se hobane ba sa tsebe, empa ke hobane bohle ba iphumana ba oele lefatšeng le sithabetseng.
Morena o nka mohato o chechelang morao, o bile o khoptjoa ke lejoe. O tiisa lere la hae, eseng ka tsela ea ho bontša matla a bobusi empa ka tsela ea hore le mo tšehetse. Lekhetlo la pele esale letsatsi lena le qala, o shebahala joaloka mofo, eseng morena.
Motsamaisi oa Lethathamo la Litšebeletso tsa Lepato, ‘me e boetse e le mora e moholo oa mofu o khumama pela lekase, molomo oa hae o papatehile ke komello.
“Ntate?”
Monna ea ka lekaseng o fetolela chalimo ea hae ho eena. “Hobaneng bohle ba apere ka tsela e? Ke mang ea shoeleng?”
Kae-kae ngoana o qalella ho lla. Mosali oa akheha.
Moruti o etsa pontšo ea sefapano, ho tloha qetellong ho ea qalong.
‘Masekoele oa atamela. Ha a panye le ho panya. “Nako ea hao ea ho tsamaea e ne e so fihle.”
Eo e neng e le mofu o tsamaisa hlooho ea hae hanyenyane, ‘me o bua hape. “Ke lorile ke le ka tlas’a lefatše. Empa ho ne ho se na mobu. E ne e le kamore. Kamore e senang mabota.”
Mora oa Bobeli oa mofu, likhapha li keleketla marameng a hae, oa koekoetletsa ha a bua: “Re ne re nahana hore o se o re siile. Ngaka e ile ea netefatsa.”
Monna ea ka lekaseng o panya butle. “Mohlomong ke ne ke ile. Empa eseng ka ho feletseng.”
Moemeli oa Mokhatlo oa Lepato oa Matsatsi le Lilemo moo a emeng o mosesane ke tšoabo. O ntša pene hotsoa pokothong ea hae, oa e penya, oa e koaholla, a ntan’o e penya hape. Oa honotha, “Ntho’e tjena ha e so etsahale. Hohang hisitoring ea kompone. Re latela methati e nepahetseng. Re etsa meputulo eohle. Rea netefatsa.”
Morena o phahamisa letsoho la hae. “Khutso!”
Hohle mabitleng hoa khutsa.
“Hona,” ho cho Morena, “ha esale lepato. Ke khutliso.”
Litšebo li ferella joaloka linonyana tse tšohileng har’a ‘moka. Bang ba oela ka mangole. Ba bang ba qalella ho tsamaea. Monna e mong o tjebela tšupa-nako ea hae kahar’a lebitla.
Monna ea neng a lokela ho patoa o phahama butle-butle kahar’a lekase. Manonyeletso a hae a etsa molumo oa ho qhoma, eseng ka tsela e nyarosang, empa ha bonolo, joaloka lepolanka la khale ha le otlolloa kamor’a lilemo le le teng lefatšeng. Eo o beha letsoho motšetšeng oa lekase ebe o lemoha ‘moka oa bohle ba tlileng tšiamong.
“Ke hopola tsohle,” o rialo. “Ke hopola khutso. Mofuthu. Ebe ke utloa lentsoe. Lentsoe la ngoana e monyane, le mpitsa le re ke khutle.”
Morali oa hofela oa Mora oa Bobeli, ea ka bang lilemo tse tšeletseng, oa phasoloha. “Ke ‘na ea itseng a khutle.”
‘Moka oa mo sheba.
O honyella seketeng sa ‘mae. “Ke ile ka mo sebela. Ha bohle ba ne ba nahana hore ha utloe. Ke ile ka re, ‘Khutla ntate mohoholo. Khutla’”
‘Masekoele o koala mahlo a hae ‘me o qalella ho etsa mohonotho oa koli-ea-malla. Pina e tšoanang ea koieetso eo a ileng a e bina penyana. Empa e le hore ha joale, ha e utloahale joaloka pina ea koieetso empa e utloahala joaloka pina ea boinehelo.
Morena, a ntse a tsoere lere la hae, o oma ka hlooho.
“Melao ea nako e kopane le tšitiso kajeno,” o rialo. “Ha re se etseng eka rea utloisisa. Empa bohle re tla hopola.”
Ka motsotso ona, monna ea khutlileng o thusoa ho tsoa ka lekaseng. Maoto a hae a tšerema. Phefumoloho ea hae o otlela fatše. Empa o eme.
‘Moka o qalella ho tsamaea hape.
Empa eseng ho ea nq’a lebitla.
Ba ea ba lebile malapeng.
‘Nete ke hore ha ho na tsela ea tsamaiso ea mapato ao eseng mapato.
Hoseng hoa le hlahlamang, letsatsi le phahama mobung butle-butle, leo le phahama joaloka ha eka ha le na bonnete ba hore na efela le tla khantša motse oo ka la maobane, o ileng oa khina motjeko oa lefu. Mekoko e lla ka lesisitheho. Bana ba neng bale teng lepatong ba se ba lula ba ipatile kamor’a likharetene. Tse meja ba honotha ba entse selikalikoe, ba lutse holima libakete tse kubutiloeng le litulo tse peperaneng, joaloka ha eka ba leka ho qaqapolla puo ea meka ea khale e nang le lilemo-lemo e sa buuoe.
Monna ea khutlileng ha a sa khutlela lelapeng la hae.
Ba mo isa holong ea motse—sebaka se sa nkeng lehlakore se lutseng pelong ea motse, sebaka seo hangata se behetsoeng machato, lipitso tsa morena, seo ka nako enngoe ho kileng hoa shebelloa papali ea Mohope oa Lefatše ea bolo ka motlakase o alimiloeng. O paqame leteraseng hona moo, oa fokola empa o falimehile. Morena o abetse moshemane e monyenyane, Khotso, mosebetsi oa hore a lule a mo lebetse. Khotso o mo tlisetsa tee. O mo tlisetsa bohobe. O mo sheba ka hlokolosi e kang eo baporofeta ba shebang litlokotsebe.
Sechaba sa motse se etsa mokoloko ho tla ‘mona. Ba bang ha ba kene kahare. Ba hlahela ka lifensetere ‘me ba oma ka hlooho ka tsela ea ho bontša tlhompho. Ba bang ba siea linyehelo tse nyenyane pela monyako: lehe le bilisitsoeng ka metsi, lebokose la mollo, lehlomela la lekhala. Motho e mong o bile o siea tšupa-nako e peperaneng ka tlas’a moalo oa hae.
Moruti o mo etela ka letsatsi la bobeli. O tla e se monna oa lesela, empa o tla e le ea utloileng litšebo tseo a sa lumeleng hore o na le tokela ea ho iphapanyetsa tsona. O fihla a lula pela monna empa e be ha a tsoe puo nako e telele.
Qetellong, oa seba, “U bone eng?”
Monna o bososela ha nyenyane, ka tsela e bonolo. “Letho le ka tlisoang phetolelong.”
“U ile oa ahloloa?”
“Ke ile ka botsoa potso.”
“Eaba?”
“Ke ntse ke nahana karabo.”
Moruti ha a lule nako e telele.
Ha letsatsi la boraro le fihla, Morena u bitsa lekhotla. Ba tšohla taba ea hore na efela monna enoa e ntse e le monga ntlo ea hae ka toka, mobu oa hae, eka sitana le lona lebitso la hae. Banna ba lekhotla ba bacha ba tseka hore eka khona monna enoa a etsetsoe mosebetsi oa tlhatsuo. Ba baholo ba bontša hore o lokela ho isoa lithabeng ho kopuoe tšoarelo ho balimo. E mong o sisinya hore eka khona a nyale bocha—lefu, haele hantle, le hlakotse likano tsa hae tse fetileng.
Ka letsatsi la bone, monna o bua le sechaba sa motse.
O eme kantle ho holo ea motse, o itšetlehile ka molamu o betliloeng ke ntate moholo oa Khotso. Sechaba sa motse se phuthehile joaloka mabele a tletseng mokotla.
“Ha ke sa le monna ea tšoanang le ea tsamaileng,” o rialo. “Empa le teng ha ke mokhelo.”
Ho oela khutso.
“Ha nkeke ka lebella hore lintho li khutlele malulong. Ha ke na ho le kopa likarabo. Ke mpa le kopa hore le ntumelle ho phela. Hape.”
Ka morao ho mantsoe ao, ke eo a tsamaea.
Ha ho ea mo thibang.
Ha a khutlele ntlong ea hae ea pele. O tsamaea hofihlela a feta mokhoro oa hoqetela oa motse, tsela ea hoqetela ea maoto, o ea a shebile maralleng.
Bang ba re o ahile rontabole e nyane pela molatsoana.
Bang ba re o nyameletse ka morung.
Bang ba re o tsamaile hofihlela a nyamella leholimong.
Empa ‘Masekoele, ha a botsoa, o li beha joana:
“Ha a eo mahareng a ba phelang kapa ba shoeleng. O mehopolong.”
Mohlomong ke hona moo re lokelang ho mo tlohela teng.
A sa patoa. A sa tsoha.
Empa a khutlisitsoe.
‘Me a le maemong a hlokang tšupa-nako, lipakeng tsa matšoao a mabeli a monyetla oa bobeli.