Fiction and Poetry

Ruthe

'Ke tla shoa moo u shoang, ke epeloe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore ha nka khaohana le uena ha e se ka lefu…'

Ruthe
Leteka Phillip Leteka for Mamosetse

Naheng e ka mose ho Mohokare, ke ho re, naheng e neng e le Lesotho pele Maburu a e hapa ka ntoa ea Seqiti, ho na le karolo e hlileng e nang le lithaba tse ngata tse atametseng maloti a ka bochabela ao e leng moeli o arohanyang Natala le Foreistata. Karolong ena ho na le motsana oo Basotho ba o bitsang Marung. Lebitso lena ha le hlile ha le na kopano le maru. Motsana o bitsoa joalo hobane eka mehleng ea khale Maburu a neng a ahile teng e ne e le a seboko sa ‘Le Roux,’ seo Basotho ba neng ba se fetoletse ho ‘leru.’ Marung e le hona moo ba seboko sa ‘leru’ ba bokaneng teng.

 

Ha motho a leba boroa ka tsela ea limotokara, a tloha Marung o fihla polasing e bitsoang ‘Thabong’ ha a se a tsamaile limaele tse ka bang leshome. Ke polasi ea mofu Gert Snyman, eo Basotho ba neng ba ’mitsa Chere joaloka ha ba ne ba bitsa mosali oa hae ’Mamosa. Thabong ke polasi e sekhutlong. Tsela e hlahang Marung ha e feta pel’a ntlo, e feta tlase, ’me ho na le tselanyana feela e arohang ho eona e tlang sekhutlong, e leng eona e sebelisoang ke bohle ba etelang Thabong. E aroha ho e kholo ha e kholo e qeta ho tšēla borokho ba nokana ho fihla moo matlo a polasi a leng teng. Nokana eona e feta matlo ’me e leba holimo thabeng moo e qalang teng hobane kamora’ matlo e se e hlile e le oona moepa o moholo oa thaba e leng ka bochabela. Ka boroa le teng ke thaba e ntseng e le ntho e le ’ngoe le e ka bochabela, esita le e ka lebōea. Ke thaba e le ’ngoe e mpileng ea etsa kouhali feela ho etsa sekhutlo le noka. Mose ho nokana ka lebōea ho ntlo, ke ho re, hona moo moepa o simollang, ke motsana oa Basotho ba sebetsang polasing.

 

Hona polasing ena, ka tsatsi le leng ’Mamosa o ne a lutse ka pele ho ntlo a orile letsatsi. E ne e le mariha. O ne a qeta ho bala buka, ’me a sa emisitse hanyenyane hore makumane a tsoang bukeng eo a ke a theohele hantle pele a tsoela pele. Empa e ne e se e le sebaka joale a phomo-phomotse. O ne a shebile tlase tseleng moo ho neng ho e-na le lerolenyana le neng le bakoa ke pere e palangoeng e hlahang ka tsela e hlahang hona Marung. Mosali-moholo o ne a a rata haholo mangolo, ’me le eena o ne a a ngola haholo. Mangolo e ne e le ’ona a sa ntsaneng a mo kopanya le bana ba hae ba neng ba qhala-qhalane le naha, ba le hole koana, metseng e meholo har’a ’mili-mili, moo tsietsi li ka ’nang tsa ba hlahela neng le neng. Ka baka lena he a phakisa a bitsa Marie, e leng lebitso leo a neng a le reile mosali-moholo ’Masebolai, lebitso leo a neng a ba a kolobetsoa ka lona mohla a neng a sokoloha. ’Masebolai a hlaha ’me a ’motsa hore na ekaba Mokoenehi ha e-s’o khutle. ’Masebolai a latola ’me a boela a kena ka tlung hape, a siea ’Mamosa a ituletse a ’notši letsatsing ka pele ho ntlo.

 

Letsatsi le ne le futhumetse hamonate. Mosali-moholo a busa lintši tsa hae ’me a qala ho inahanela. Moriri o ne o se o le moputsoa, ’me leha o ne o kanngoe ka mokhoa oa teng, khoelenyana tse ling tsa oona li ne li fihla ka mahlong. Sefahleho sona se ne se bonahatsa hore matsatsing a sona se ne se le setle haholo, empa joale ho ne ho ikatetse mela-mela e bontšang hore lilemo li fela li iketse joale. Esita le lona letsoho le neng le ntse le phahama le boela fatše, le eona menoana e ntseng e nyoloha e theoha, e ne e paka hore efela mong’a oona a tsofetse ha e le moo a se a ipuela a le mong, a se a sebelisa matsoho le menoana ho mo thusa ho nahana.

 

O lutse tjena metsotsonyana ho fihlela a boela a tsosoa menahanong ea hae ke Marie ha a tlisa kofi—hobane ho ne ho sa nooa kofi mona e seng tee. Eare ka eona nako eo lintja tsa be li bohola, ’me ’Mamosa a bona hore li bohola pere ea Mokoenehi. Marie a ntan’o boela ka tlung, ’me kamora’ metsotsoana a khutla a nkile mangolo a mabeli, a a neela ’Mamosa. A ntan’o emela kopi eo ’Mamosa a neng a noella kofi ho eona. Bakeng sa ho qeta kofi kapele, ’Mamosa a phunya lengolo la pele. A le bala, a le qeta hobane le ne le le lekhutšoanyane. A ntan’o phahamisa kopi ’me a qetela kofi. A e neela Marie ’me a kopa hore a mo tšelle hape. E ne e se e le tloaelo ea hae ho noa kopi tse peli tsa kofi li latellana. Marie a makala empa a se ke a bua, a mpa a nka kopi a kena ka tlung hape, feela a lieha ho khutla ka ha a ne a sa il’o e ritela. O ne a ile a etsa kopi tse peli feela, e ’ngoe e le ea hae.

 

Ha a khutla a fumana mosali-moholo a lutse a ithōletse, a shebile ka pele ho eena feela. Ha a mo nea kofi ha a ka a leboha le ho leboha joale ka mehla. Le ho e bona e ne eka ha a e bona, kamoo a neng a thōtse ka teng. Matsohong a hae o ne a ntse a tšoere pampiri tsa lengolo la bobeli. Marie a phakisa a lemoha hore ho hong ho teng ho etsahetseng empa a tsoafa ho botsa, a tšaba hore mohlomong ka ho tšaba ho mo soabisa, mosali-moholo a ka tlameha ho mo phetela seo mohlomong a sa batleng ho mo phetela sona ka nako eo. O ne a tseba hore ha ho ka ’nǵ’ane, o tla mo phetela hobane ba ne ba ntšana se inong. Kahoo he a boela ka tlung.

 

Letsatsi le ne le ntse le chabile hantle leha joale le ne le se le lepella le hopotse ho ea hata holim’a lithaba tse hole ka bophirimela. Ho ne ho tsohile moeanyana o mosesane oa mantsiboea o hlaba-hlabang leha o ne o sa fihle moo mosali-moholo a neng a lutse teng. O ne o bapalla makaleng feela a lifate tsa liperekisi. Tlase nokaneng, pel’a tsela, ho ne ho nyoloha mohlape oa likhomo tse tsoang naheng, tse jereng liretse tsa mokhoabo lithlakong. Li ne li bokolla, li lla, li hloka khotso. Esita le poho ea tsona e ne e khonya e bohlela tlase, eka le eona ea nyantša. Sakeng kamora’ ntlo lerata le ne le le leholo—lerata la manamane ha a arabela bo-’m’a ’ona. Pel’a ntlo mapili-pili a sa ipea le ’ona, esita le likalakunu leha koana tsona li ne li ea le molumo feela li bile li thusoa ke lintja tse boholang.

 

Ka mose ho nōka, motseng oa batho ba polasi, mesi e ne e se e thunya joale, e paka hore basali ba khutlile mesebetsing ea bona, ’me ba se ba lokisetsa banna ba bona le bana ba bona lijo tsa mantsiboea, ba se ba lokisetsa khotso e bang teng hohle liphoofolong le bathong ha bosiu bo fihla. Holimo moeeng linonyana li ne li feta ka lihlopha-hlopha, li tsoa sela, li hopotse lihlaheng tsa tsona, li hopotse malinyaneng a tsona. Ka hohle ho ne ho oruhuoa, ho lokisetsoa bosiu le khotso eo bo e tlisang. Ka hohle, ha e se pelong e le ’ngoe feela mona Thabong.

 

Tsena tsohle li ne li sa fihle mohopolong oa ’Mamosa. Mehopolo le menahano ea hae e ne e khelekhetha hole-hole ka baka la lengolo leo a le fumaneng. O lutse joalo a ’notši, ’me a qala ho phaphama ha mahlaseli a letsatsi a se a sa finyelle ho eena, a se a phahamisoa ke mohatsela hobane joale a se a se letsatsing. Eaba hona a elelloang hore Marie khale a mo tliselitse kofi. Bakeng sa ho e noa, a bitsa Marie.

 

Ha Marie a hlaha, a makala ha a fumana hore kofi ha e-s’o nooe, a re: ‘’Mamosa, basali, ha a e-s’o noe kofi ela eo e leng khale ke e tlisitse, molato ke’ng? Ka ’nete u bapala ka ’na. U ka re ke u etsetse kofi athe ha u tl’o e noa? Ke hampe he hobane ke hona u bapalang ka ’na mantsiboea ana ke se ke tsofetse, le uena u se u le molora ona!’

 

‘Che, Marie, mokhotsi oa ka, ha kea ka ka elelloa. Ke ne ke ntse ke inahana. Petrose o ngotse, ’me ke lengolo la hae le ’nahantšang hakana.’

Eare ha a fihla mona a thōla-thōla metsotso e se mekae joale ka hoja seo a tla se bua se tsoa ka bothata ka sefubeng sa hae. Marie le eena a elelloa, hobane ba ne ba utloisisana ’me ba utloana le ’Mamosa. A thōla, a emela hore ’Mamosa a tsebe ho tsoela pele.

 

‘Ke tla u balla karolo ea lona u tle u ikutloele hantle:

 

“’Me joale ke tla tabeng eo e leng khale re bua ka ea eona le ngoetsi ea hao. Re se re e buile halelele taba ena. Re bona hore ho ka ba molemo haholo ha u ka tlohang polasing moo oa tla lula le rōna mona. Ha re iketle ha re hopola hore ke uena e mosoeu feela polasing moo. Ho molemo hore u khaotse ho lula u le mong. Polasi eona re ka e rekisa hobane rōna ha re bone hore re ka hlola re kopa ho lula teng. Taba e ’ngoe eo re e bonang ke hore ha ho sa na motho ea ka u thusang ka ho hlokomela temo le mesebetsi moo, polasi e tla tloha e kena melatong ’me e jeoa. Ke tla lula ke lebeletse karabo e tsoang ho uena, ’me ha u lumela re tla tla kamora’ beke re tl’o u lata. Litaba tsa thekiso ea lintho tsona li ka tloheloa matsohong a liakhente. Ha ke na pelaelo ea hore u tla lumela ho tla lula le ’na, ngoan’a hao.”’

 

Eare ha a qeta ho bala a thōla, a phutha lengolo butle a sheba Marie. Marie o ne a lutse fatše joale. Ha ’Mamosa a ntse a bala lengolo o ne a mo shebile, empa joale mahlo a hae a ne a shebile fatše ka pele ho moo a neng a lutse teng. Ba lutse joalo nako e telele, ho se ea buang ho fihlela Marie a ema, a opa liatla a re, ‘Ah!’ ’me a kena ka tlung. ’Mamosa a kena le eena, ’me ba leba ka tlung eo ho pheheloang ho eona. O lutse moo a thōtse, a bohile Marie a ntse a sebetsa a thōtse, mahlo a hae a sa a kopanye le a ’Mamosa. ’Mamosa a makala, a sitoa ho utloisisa taba ena ho fihlela ka nako e ’ngoe ha a hetla, Marie a le kamora’ hae, a ’mona a hlakola meokho. Hang-hang a utloa pelo ea hae e sisa, ’me a raoha a ea kamoreng ea ho robala moo a ileng a lla habohloko. Marie le eena a fumana sebaka sa ho lula fatše, a tšolla meokho e neng e ntse e mo thiba mahlo.

 

Ba ne ba nahana’ng? Ba ne ba llela’ng?

Menahano ea ’Mamosa e ne e khelekhethehile, e mathela morao. Ka pelong ea hae o ne a bona, ’me a bile a hopola hantle, letsatsi le leng khale. E ne e le mariha ha ho qetoa ho kotuloa lipoone, ha likhomo li phunya mohoang masimong moo ho qetoang ho kotuloa. Ba ne ba e-na le selemo feela ba nyalane le monna oa hae. Ba ne ba sa le bacha, meriri e sa le mesootho hantle, lifahleho li sa le boreleli, mahlo a sa le matla. Ba ne ba e-s’o be le bana, ba ne ba sa le qalehong ea bophelo ba bona. E ne e le hoseng bophelong ba bona, letsatsi e le hona le futhumalang, likhomo e le hona li tloaelang makhulo. Bophelong ba bona lintho tse ngata li ne li sa le ka pele, li sa tla etsahala. Boholo ba bophelo ba bona bo ne bo sa le ka pele ho bona joale ka ha tšimo e le ka pele ho balemi ba eona ha ba simolla tema, matla a sa le kaofela, liphaka li sa le teng, mekokotlo e sa lumela, liholoholo li e-s’o tsohe. Ho ne ho le joalo ho ’Mamosa le Chere.

 

E ne e le mariha, e se e le motšeare oa mantsiboea tsatsing lona le hole leo ha ’Mamosa a tsoela ka ntle ho ea fepa likhoho hokong ea tsona. Eare ha a qeta ho li fepa, ha a phahamisa mahlo, a be a se a bona pere e tlang e nyolosa ka tsela eona eo Mokoenehi a neng a tlile ka eona ha a tlisa mangolo. E ne e le pere e bonahalang e khaethetse hobane leha e ne e ntse e hlehla-hlehla e ne e se e hulanya lithlako tsa eona fatše. E ne e palangoe ke Mosotho, a apere kobo a bile a le katiba ea Sesotho. Ha a theoha pereng a lumelisa, ’Mamosa a elelloa hore khale a tsamaea, ’me o lapile o bile o khathetse. Ha a fihla, a re o batla mong’a polasi, ’me ’Mamosa a re ba ee tlung. Ba fihla pel’a kichini, ’me ’Mamosa a kena ka tlung ho ea bitsa mong’a polasi. Eare monna oa batho ha a re o re he, a bona ’Mamosa a se a hlaha ka lebekerehali la kofi le sengoathohali sa borotho, se bile se tlotsitsoe ka sereleli, se hlile se tlotsitsoe se sa tšasoa feela. Ha thoe a lule a je, mong’a polasi o tla hlaha hona joale.

 

Ha a se qetile ho ja eaba hona ’Mamosa a bitsang monna hore a tl’o bona monna eo oa Mosotho. Ha a hlaha a fumana monna oa Mosotho a se a qetile ho ja ’me a se a bile a eme, a tšoere katiba ka letsoho kamoo a neng a se a tseba e le tloaelo ka teng.

 

‘Lumela, monna,’ ho bua Chere.

‘E, morena,’ ho araba eo.

‘U lla ka’ng he?’

‘Ke tlil’o qela khotso, morena.’

‘U hlaha kae?’

‘Koana ha Hantši Sekepere, Likoiling.’

‘Oh! Ha Hans Scheepers. U tlohela’ng teng?’

‘Ke hlotsoe, morena. Hantši ha se motho, o bohale haholo, ’me le letsoho la hae le bobebe. Hape-hape o re batho ba se ba le bangata haholo polasing ea hae o batla ho ba fokotsa.’

‘Che, kea bona. Ak’u eme-eme re tla u bolella hona joale.’

 

Ba be ba kena ka tlung ba bua le mosali. Ha ba e-tsoa ba be ba botsa monna eo hore na lilemo tsa hae li kae, le hore na o nyetse, o na le bana na. Ba makala ho qeta ha ba fumana hore ke thak’a bona le hore joale ka bona ha a e-s’o be le bana. Ba lumellana hore ba tla mo thòla. Ba re e ka khona a robale moo polasing a tle a khutle ka le hlahlamang ho ea lata mosali le liphahlo.

 

Ka le hlahlamang ha a se a palama, Chere a re: ‘Ke thabile ha u e-tla ho ’na. Re sa le bacha bobeli ba rōna. Kea tšepa re tla lula ’moho, re ahe metse ea rōna mona, re phele ka khotso, re be metsoalle, re thusane, re tle re ’ne re hopole tsatsi la maobane ho fihlela re ba re theohela mobung o batang.’

 

Ha monna eo a tloha polasing eo, a tloha a na le boikemisetso bo boholo pelong ea hae, boikemisetso ba hore ha Ramaseli a ka mo thusa ba aha hantle, a ke ke a hlola a phaqola a batla khotso, o tla lula polasing eo. Ha feta matsatsi a se makae ha nt’o fihla koloi e laetse thoto ea hae le ea mosali oa hae. Monna eo e ne e le Rasebolai, morena oa Marie, kapa ’Masebolai.

 

Matsatsi a chaba, a likela; khoeli tsa thoasa tsa ba tsa ea mofela; hoa thoasa selemo, sa fela; monongoaha oa fetoha oa e-ba ngoahola. Ba ’na ba itšebeletsa polasing ka khotso, ba tloaelana, ba ikutloa e le metsoalle, e se e se motholi le motholuoa. Ha fihla batho, ba tholoa, ba aha likhoeli kapa lilemo, e re ha ho thoe ba lutse, ba rutle ba fetele pele. Chere le Rasebolai ba lula, ba boha mesebetsi ea bona e tsoela pele. Masimo a polasi a simolla ho bea, ba chaea haholo ha ba kotula. Linku le lipoli tsa ata, ’me le tsona tsa tlisa boea bo bongata. Likhomo tsa ata le tsona, lebese la e-ba lengata, la hangoa la romeloa moo le rekisoang. Hohle polasing ha bonahala katleho. E seng leruong la liphoofolo feela, esita le ho lona le ratoang haholo ke Basotho, e leng la bana.

 

Ba hlaha, ba ikholela hantle ho se letho, ba sa tšoenngoe le ke hona ho kula. Bana ba tloaelana ka ha ba ne ba bapala hammoho hona polasing moo ba sa khesane. Ba ha Rasebolai ba ne ba le babeli ’me e le bashanyana, ha ba Chere ba ne ba le bararo: banana ba babeli le mora ea le mong. Ba hola, ba kena sekolo, ba qala ho khesana ka ho ea kamoo ba fumaneng taba li eme ka teng ka ntle. Bara ba Rasebolai ba phakisa ba feta buka ea boraro, ’me hape ka ho ea ka tloaelo ba tsoa sekolong ba tla simolla ho sebetsa polasing le bona. Ha feta nakonyana ba nt’o ea Lejoe-Leputsoa, moo chaba li feletseng teng. Le ba Chere bana ba ithuta ’me ba lula nako e telele sekolong ho fihlela ba qeta buka ea leshome, Matiriki. Ba baroetsana ba khutlela hae, ba lula teng. Kamoo e leng tloaelo ea lena lefatše, ba bonoa ke bahlankana ba bang, ba ba nka e le khopo tsa bona tse neng li tsoe mohla ba bopuoang. Khopo tsa boela ho beng ba tsona, tsa arohana le batsoali.

 

Khaitseli ea bona ea leba Lejoe-Leputsoa, ea fumana mosebetsi liofising teng. Ntat’ae a leka makhetlo a mangata ho bua le eena hore a khutlele polasing, a tl’o lula teng a lise, a hame, a leme, a hlaole, a kotule—joaloka bontant’ae-moholo, a fumane bophelo ba hae mobung. Empa eena o ne a sa ikutloe joalo. O ne a ikutloa a lahlehile ha a le polasing, ha a shebane le lithaba le linōka, le joang le limela le masimo, le makhomo le manku le linonyana. O ne a ikutloa a bolaoa ke bolutu. Pelo ea hae e ne e labalabela metseng e meholo, ’mili-miling, marateng; o ne a hloloheloa menate le botle ba tseo motho a ipopetseng tsona: matlo a phahameng haholo-holo, limachini ka mefuta, literene, limotokara, lithaba tsa matsoho, mekoti e chekoang ka boomo. Lerata-rata, ho nyeunya ha batho, lipolao le lintoa, batahoa bo tšabehang—tsohle tse fumanoang metseng ena e meholo, o ne a ikutloa a phela hantle ha a le har’a tsona leha eena a ne a sa noe, a sa tahoe, a sa bolaee. O ne a ikutloa a le khotso, moea oa hae o phomotse, a tletse phomolo le matla ha a le har’a tsona. Polasing o ne a ikutloa eka o shoele ha a le teng. Ntat’ae o ne a makale ho qeta ha a bona seo mora a se ratang e le sona eo eena a se hloileng, ’me seo eena a se ratang e le sona seo mora a se hloileng. Empa a ba bohlale a se ke a susumetsa mora moo a sa batleng. A lemoha hore eena le mora ke batho ba babeli ba fapaneng. A mo tlohela a ikela Lejoe-Leputsoa.

 

Bara ba Rasebolai ba ’na ba ngolla hoba ba fihle teng. Ha fela selemo. Ha qaleha sa bobeli. Sa fela le sona ’me sa lateloa ke sa boraro. Ba qala ho ngola ka letheke-theke ho sona, ba se ba bile ba sa tšepise joale ka pele hore na ba tla etela neng hae joale. Sa fela. Sa bone sa hlaha sa ba sa nyamella koana ba se ba sa ngole. Tsa latela tse ling lilemo ho sa utloahale letho.

 

Thabong mosebetsi oa ’na oa tsoela pele. Empa joale Thabong banna ba babeli ba neng ba sebetsa ba khothetse pele ba etsetsa bana ba bona ba ne ba se ba sa khothala joaloka pele. Ba ne ba ka khothala joang joaloka pele athe joale ba ne ba holisitse bana ba bona? Ba ne ba ka khothala joang athe monate o ne o tsoile bophelong joale hobane bana ba phuruselitse ba iketse moo baholo ba sa rateng kapa moo ba sa tsebeng. Banna ba Thabong ba ne ba se ba sa tsebe hore na monate oa bophelo e sa le eng, ba ne ba se ba sa bone hore na ekaba ba phelela’ng. Banna ba Thabong ba ne ba se ba tepella joale, ba se ba sa bue, ba inahana haholo. Thabong le bona joale ba ne ba se ba feletsoe ke nyakallo. Efela letsatsi le ne le se le ile, le se le rapama, le se le tla lepella holim’a lithaba ka bophirima. Liphaka tse neng li tšoere mehoma li ne li se li fokola joale, liholoholo li se li hana, lifahleho li se li sa khanye li se li sosobane, meriri e se e thunya joale, ho se ho bua lipelo haholo ho feta melomo. Tema ba ne ba e lemile empa ba sa bone hore ba thusitse’ng. Ba ne ba le masoabing a mona a fihlang ha letsatsi la bophelo lea likela, masoabi a hore esale re simolla re sebetsa empa joale ha re fihla qetellong ea bophelo re fumana eka temeng ea rōna moo re lebeletseng hore ho ngoloe ‘Katleho’ ho ngotsoe ‘Lefeela la Mafeela.’ Thabong e ne e se e se thabong, e ne e le masoabing.

 

E seng masoabi feela, empa masoabi a fokolisang pelo, masoabi a isang lefung. Ho bile joalo le ho Chere. A ’na a fokola, a omella empa ho se lefu le mo jang. Lingaka tsa re o inahana haholo. Tsa mo eletsa hore a ke a tlohe polasing a etele tulong tse ling a phomole. A ea, a siea Rasebolai a lisitse polasi, a lema, a hama, a hlokometse batho. Polasi ea ’na ea tsoela pele hantle ho sa bonahale le ho bonahala hore mong’a eona ha a e’o. O ne a se a tseba tsa temo joaloka mong’a eona feela. Chere a ea a khutla a bonahala phetoho ’meleng. A boela a lula polasing. A boela a qala ho omella hape.

 

Ka tsatsi le leng ba ne ba le hole naheng le Rasebolai ba tiisa terata. Hoba ba qete ho ja lijo tsa motšeare tseo ba neng ba ile le tsona naheng a paqama moriting, a re ho Rasebolai, ‘Ke khakethetse. Ke sa iphomolela.’ A ithoballa. Kamora’ hore a paqame ha Rasebolai a re oa mo tsosa, a fumana a se a bata ho bonahala hore joale o se a ithobaletse ba lilemo boroko.

 

Thabong joale ho ne ho setse monna ea le mong. Motsoalle oa hae o ne a ile. Mora oa ’Mamosa o ne a batla hore polasi e rekisoe empa ’mè a hana. ’Mamosa o ne a tseba hantle hore ha Rasebolai a sa le teng tsamaiso ea polasi e matsohong a monna ea tsebang ka temo, ea tla e tsamaisa joale ka Chere feela. Rasebolai le eena a boela a tsoha molota, a nchafala, ha a bona hore boikarabelo ba tsamaiso ea polasi bo mahetleng a hae, ha a bona hore Marie le ’Mamosa ba beile tšepo ea bona ho eena. A nchafala hape, a sebetsa haholo, ’me a lebala ho bua ka pelo haholo. Ha feta selemo, tse peli, tse tharo. Ba batla ba lebala lefu la Chere. Ka sa bone motsoalle oa hae Rasebolai le eena a be a il’o ikopanela le Chere hona koana bo-ea-batho. Marie a tloha motseng oa Basotho ho tla lula le ’Mamosa. Ba lutse joalo nakonyana, ba ba ba tloaela, khotso ea boela ea khutlela pelong tsa bona, ’me ba ikutloa hantle hore mona Thabong, mona moo mofufutso oa bona le oa banna ba bona o feletseng teng, mona moo matsoho a bona a ahileng, a lokisa, mona ke hona moo ba tla shoela teng. E ne e se taba eo ba neng ba e buile, empa bobeli ba bona ba ne ba nahana joalo, e mong a tseba hore e mong o nahana joalo, le ha e ba a sa bue. Ha lengolo la mora oa Chere le fihla, tsena tsohle tsa feta kepele ho mahlo a ’Mamosa ha a le ka kamoreng, likhapha li tšoloha.

 

Ha e le Marie eena o ne a tlaletsoe ke naha. O ne a utloa hantle hore kajeno o lahlehile. Ka pele ho eena ho ne ho le lefifi, lefifi la bo-nka-ntjana, lefifi le lebe le fihlang ho motho ha a se a khathetse, matla a felile a le sieo, lefifi la hore na o tla etsa joang. Tšepo ea hae eohle e ne e le Thabong, o ne a ikutloa e le oa teng, e le moo ea tla ba teng ho fihlela a ikela moo ho uoang ke bohle. Tšepo ena e ne e fela joale. O ne a sa tsebe hore na e tla re ha ’Mamosa a ikela ho mora oa hae eena o tla lebisa kae ka ha eena ba hae bara a ne a se a ba nka joale ka batho ba seng ba hlokahetse. Ba habo ba ne ba sa le teng ba bang, empa o ne a ipotsa hore na bona ba tla utloisisa ho thòla mobu o kang eena o seng o qetetse matla a oona tulong e ’ngoe. O ne a bona hantle kajeno raka le shoetsoe ke molebo.

 

Menahanong ea ’Mamosa ho ne ho tsohile setsokotsane joale. O ne a nahana haholo ka lintho tse nagata. Ka ’nǵ’e ’ngoe o ne a sa rate ho hlabehisa mora oa hae ka ho hana ho ea ho eena. Empa le teng ha a nahana kamoo a sa tloaelang metse e meholo ka teng, kamoo a ke keng a fumana khotso eo a e tloaetseng, khotso e renang hohle polasing mona, ha a nahana hore ho tloha ke ho ea phela matsatsi a hae a setseng tulong eo a sa e tloaelang, a utloa a sa bone hore a ka ea joang. Empa haholo-holo ha a nahana ka Marie, a bone hore ha ho kamoo a ka tlohang ka teng. O ne a nahana kamoo Marie le monn’a hae ba ba sebelelitseng ka teng, kamoo ba neng ba tšepahala ka teng, kamoo ba neng ba beile pelo tsa bona mona Thabong ka teng, kamoo ba iteletseng bona ka teng, kamoo ba tsofaletseng ho bona ka teng. O ne a sa bone kamoo a ka sieang Marie ka teng ha a se a itšepetse eena feela. O ne a tseba hantle hore le mofu Chere, monna oa hae, ha a ne a sa phela o ne a ke ke a nahana ketso e joalo. Ka nako e ’ngoe a nahane hore a ka ea le eena hona koana ha mora, a tle a sebetse teng. Empa a phakise a hopole hore ho etsa joalo ho ka etsa hore a lahlehelane le bara ba hae sa ruri joale hobane eena o ne a ntse a re ba tla tla ka le leng ha lefatše le ba shapile ka ’nete. A nahana hape le hore mohlomong Marie a ke ke a tloaela koana motseng oo, kapa ngoetsi ea hae e ke ke ea mo tšoara hantle joale ka eena, ’me taba eo e mo utloise bohloko leha eena ’Mamosa a ntse a tšoeroe hantle. A bona hantle hore ha ho tulo e ’ngoe e ba lokelang ha e se Thabong.

 

Ba jele ba thōtse, ba sa qoqe joaloka mehla. Ha ba se ba qetile ’me lijana li se li hlatsoitsoe ba tlisa Bibele, hobane mona mokhoa ona oa khale oa ho bala Bibele mantsiboea o ne o sa le teng. ’Mamosa a phetla bukeng ea Ruthe, a bala eona taba ea ha Ruthe a hana ho arohana le Naomi matsal’ae. Mantsoe a hae ha a re ho Naomi:

 

‘Ke tla ea moo u eang, ke lule moo u lulang; chaba sa hao e tla ba chaba sa ka, ’me Molimo oa hao e be Molimo oa ka. Ke tla shoa moo u shoang, ke epeloe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore ha nka khaohana le uena ha e se ka lefu…’

 

Mantsoe ana a hanella pelong ea Marie a ba a ea robala a ntse a a pheta ka pelong ea hae. O ne a maketse a bile a sitoa ho utloisisa hore na ke’ng ’Mamosa a khethile buka eo, le mantsoe a joalo hobane o ne a sa nahane, le hanyenyane a sa belaele, hore ’Mamosa o tla mamela mor’a hae ’me a fallele ho eena. Ha e le ’Mamosa eena, bakeng sa ho robala, a ea kamoreng, a ntša pene le enke le lipampiri ’me a qala ho qapa karabo e eang ho mora. Hoba a qete ho le qapa a ntan’o iphomolela. Marie o ne a se a robetse leha a ne a phaphama khafetsa a lora litoro tse mpe.

 

Hoseng ’Mamosa a bitsa Marie. Ba ne ba e-s’o bue esale ho tloha ka maobane. Ha a fihla a ntan’o nka lengolo kantle le ho bua, a bala karabo eo a e ngotseng:

 

‘“Joale ke tla tabeng ea ho tla ha ka moo. Ngoan’a ka, ke nahanne haholo ka taba ena. Ke fumane hore ho molemo hore ke sale polasing mona. Ha ke tsebe hore na ekaba nka hlola ke tloaela moo metseng e meholo le hore na nka fumana khotso eo ke e fumanang mona, eo ke seng ke e tloaetse haholo. Uena u bua ka hore ke ’na feela e mosoeu mona Thabong. Ke ’nete ho joalo, empa u lebetse hore ho na le e mong mona polasing eo e seng eka ke ngoan’eso, eo monna oa hae e neng e se eka ke ngoan’abo ntat’ao; ea phetseng bophelo ba hae le ba monna oa hae ba iteletse ho re sebeletsa. E ka ba ho hloka teboho ha nka mo furalla nakong ena ha a se a tsofala, a se a hloka bathusi. Le ntat’ao ke tseba hantle o ne a ke ke a baa etsa joalo. Ke fumana ho le thata ho mo tlohela a le mong, ’me ke tseba hantle ha a sa le mona ha ho tsietsi e ka ntlhahelang. Ke bolela Marie. Re tla lula le eena mona ho fihlela re arohanngoa ke lefu…”’

 

Marie a latelang mantsoe ha a ka a hlola a sa a utloa hobane o ne a tletse thabo, thabo e hlomolang pelo, thabo e sekisang meokho. Ha ’Mamosa a qeta ho bala lengolo ’me a le koala, a bona meokho mahlong a Marie, a tseba a ba a utloisisa lebaka. A ema a bitsa Mokoenehi hore a tl’o nka lengolo a e’o le posa. Pelong ea Marie lefifi le neng le le ka pele ho eena ka la maobane, le ne le nyametse; bosiu boo a neng a bo bona ka pele bo ne bo sele. Leholimo le ne le tletse khanya hape, le khanya ebile eka le khanya ho feta kamora’ sefefo. Tšepo e ne e boetse e khutletse pelong ea hae, tšepo le lerato. Pelo ea hae e ne e tletse lerato ’me kahare ho eona o ne a ikutloa hore joale ka ha ’Mamosa a iphetotse Ruthe ho eena, le eena e tla ba eena ho ’Mamosa. Mantsoe a Ruthe a ne a lla pelong ea hae: ‘Ke tla lula moo u lulang; chaba sa hao e tla ba chaba sa ka, ’me Molimo oa hao e be Molimo oa ka. Ke tla shoa moo u shoang, ke epeloe teng. Jehova a nketse ka hore le ka hore ha nka khaohana le uena ha e se ka lefu…’

 

Khotso e ne e khutletse le pelong ea ’Mamosa. Khotso e ne e bonahala hohle polasing hape. Tlase phuleng pel’a nokana likhomo li ne li iphulela joang, le manamane a sa ntsane a ikhoretse, a sa lle; mose mane holim’a motse poli li ne li iphulela li nyolosa li ea moo li il’o thathika. Hae mona ho ne ho thōtse, ntja li ipaqametse letsatsing, makhantši a leba nokaneng, likhoho li itšella. Lintja li tla ’ne li phahamisa litsebe le lihlooho ha li utloa mekoko e lla kapa khoho e kakatletsa. Tsohle li ne li bonahala eka le tsona li boetse khotsong, khotsong e renang pelong ea ’Mamosa le Marie.

Mamosetse Newsletter

Keep in touch by signing up with us.

Our newsletter provides you with a round-up of all our activities in one place. Stay up to date with our new ventures and collaborations— stories, films , podcasts events, community projects and many more.